BOIPOLELO BA TUMELO YA BAPOSTOLA

Ke dumela ho Modimo Ntate ya matla ohle, mmopi wa lehodimo le lefatshe.
Le ho Jesu Kreste Mora ona a nnotshi, e leng Morena wa rona. Ya emotsweng ka matla a moya o halalelang, ya tswetsweng ke morwetsana Maria.Ya utlwisitsweng bohloko mehleng ya Pontius Pilato. Ya thakgisitsweng, a shwa, a patwa, a utlwiswa mahloko a dihele.

A tshoha bafung ka tsatsi la boraro, a nyolohela lehodimong. A dula letsohong le letona la Modimo Ntate ya matla ohle. Mme o tla kgutla teng, ho tla ahlola ba phelang le ba shweleng.
Ke dumela ho Moya o Halalelang. Ke dumela le ho kereke ya bokreste e Halalelang, e akaretsang, kopano ya bohalaledi.
Le tshwarelo ya dibe, le tshoho ya mmele, le bophelo bo sa feleng

AMEN

THE APOSTLES CREED

I believe in God, the Father almighty, creator of heaven and earth.
I believe in Jesus Christ, his only Son, our Lord, who was conceived by the Holy Spirit and born of the virgin Mary. He suffered under Pontius Pilate, was crucified, died, and was buried; he descended to hell. The third day he rose again from the dead. He ascended to heaven and is seated at the right hand of God the Father almighty. From there he will come to judge the living and the dead. I believe in the Holy Spirit, the holy church, the communion of saints, the forgiveness of sins, the resurrection of the body, and the life everlasting.
AMEN

BOIPELOLO BA BELHAR

Ena ke phetolelo ya Boipolelo hotswa moo peleng boneng bo ngotswe ka puo ya SeAfrikanse jwaloka ha bo ne bo amohelwe ke Lekgotla le phahameng (Sinoto) la Kereke ya Dutch Reformed Mission ya Afrika Borwa ka 1986. Hona ho ne ho latela phatlalatso ya maemo a boipoledi ka 1982 mabapi le ho nena sekgethe tshireletso ya kgethollo ka tlasa mabaka a mekgwa e metle ya phedisano mmoho le a bodumedi.
1. Re dumela ho boraro-bo-bong, Ntate, Mora le Moya, boo, ka Lentswe la bona le ka Moya wa bona bo ipokellelang Kereke, esita le hona ho e sireletsa le ho e hlokomela, ho tloha qalehong ya lefatshe ho isa pheletsong.
2. Re dumela le kereke e le nngwe ya bokreste e halalelang le ho akaretsa; e leng kopano ya bahalaledi ba bitsitsweng ho tswa melokong yohle ya batho.

Re dumela hore mosebetsi wa kresete wa poelanyo o bonahala ka kerekeng ena jwaloka kopano ya tumelo ya bao ba boelaneng le Modimo esita le hona ho boelana e mong le e mong;

le hore bonngwe ba kereke ya Jesu Kreste, ka lebaka leo ke neo le taelo; ke matla a tlamahanyang ka tshebetso ya Moya wa Modimo empa hape ka lehlakoreng le leng ke ntho e seng e le teng, e mpang e lokela ho hahamallwa le ho batlwa: ntho eo setjhaba sa Modimo se tshwanelang ho hahuwa le ho fihliswa ho yona;

le hore bonngwe bona bo tshwanetse ho bonahala e le hore lefatshe le tle le dumele, le hore dikarohano, bora esita le lehloyo hara batho le hara dihlopha tsa batho, ke sebe se seng se ile sa hlolwa ke Kreste; le hore tsohle tse ka beang bonngwe bona tsietsing, ka mokgwa o jwalo ha di a tshwanela ho ba le sebaka kerekeng ya Kreste, empa di lokela ho hanelwa le ho thibelwa;

le hore bonngwe bona ba setjhaba sa Modimo bo lokela ho fumana boemo bo bonahalang ka mekgwa e fapaneng, mme bo sebetse ka ho etsa hore re ratane, re ikutlwe re ena le kopano mmoho, re e phehelle mme re phele ka yona; hobane re le molato; ho ipha ka boithaopo le ka thabo, molemong le lehlohonolong la e mong ho e mong ka hobane le tumelo ya rona e le nngwe, re ena le pitso e le nngwe mme moya wa rona le maikutlo a rona a le mang, re ena le Modimo o le mong le Ntate a le mong, re tlatsitswe ka Moya o le mong, re ja bohobe bo le bong le ho nwela senwelong se le seng, re kolobeditswe ka kolobetso e le nngwe, re ipolela Lebitsong le le leng, re utlwa Modimo o le mong, re phehelletse ntho e le nngwe, re kopanetse tshepo e le nngwe mmoho, re ithuta mmoho ho tseba bophahamo, bophara le botebo ba lerato la Kreste; re ahuwa mmoho hore re fihlelle boemo ba Kreste, mothong e motjha, re tsebisane mme re jarisane merwalo mme ka ho etsa jwalo re phethe molao wa Kreste, re hlokane le ho ahana, re kgalemelane le ho tshedisana, re hlomohele mmoho toka, re rapele mmoho, re sebeletseng Modimo mmoho lefatsheng lena, re lwaneng mmoho kgahlanong le tsohle tse ka senyang le ha e le ho bea bonngwe bona kotsing;

le hore bonngwe bona bo ka fihlela sebopeho feela ha bo lokolohile eseng ha bo qobellwa; le hore dineo tse fapaneng tsa moya, menyetla, ditso, dikgodiseho, jwaloka diphapano tsa puo le botjhaba, ka baka la poelano e ho Kreste, e le menyetla ya ho ka sebeletsana le ho matlafatsana ka hara setjhaba se le seng se bonahalang sa Modimo;

le hore tumelo ya nnete ho Jesu Kreste ke yona feela e etsang hore motho e be setho sa kereke ena.

Ke kahoo re nyahlatsang thuto efe le efe e toboketsang phapano ya tlhaho leha e le karohano ka baka la sebe, hoo toboketso kapa tlotliso ena e ka senyang kapa hona ho roba bonngwe ba kereke bo bonahalang le bo sebetsang, esita le ha e le hona ho lebisa ho hlophisweng ha kereke e arohileng;

thuto e etsang eka hoja bonngwe bona ba semoya bo fela bo bolokwa ka leqhama la kgotso ha badumedi ba boipolelo bo tshwanang ba arohanngwa ka baka la diphapano le ka lebaka la ho sitwa ho ka boelana;

thuto e hanang ho amohela hore ho hana ho hahamalla bonngwe bona bo bonahalang e le neo ya bohlokwa, ke sebe;

eo ka ho totobatsa kapa ka ho se totobatse, e etsang eka hoja mothapo kapa taba e nngwe e itseng ya botho le ha e le ya kahisano, ke yona e etsang hore motho e be setho sa kereke.
3. Re dumela hore Modimo o nehile kereke ya hae, ka ho Kreste le ka Kreste, molaetsa wa poelano; hore kereke e bitsitswe ho ba letswai la lefatshe le lesedi la lefatshe, le hore kereke ka lentswe le ka ketso ke paki ya lehodimo le letjha le lefatshe le letjha leo ho lona ho dulang toka;

le hore Modimo ka Lentswe la Oona le ka Moya Ona o phedisang, o hlotse matla a sebe le a lefu, esita le ona a ho se boelane le lehloyo ho hlwenyetsana le bora; hore Modimo ka Lentswe la Ona le ka Moya wa Ona o phedisang 0 kgontsha setjhaba sa Ona ho phela kutlong e ntjha e ka tlisetsang kahisano esita le lona lefatshe menyetla e metjha ya bophelo;

le hore molaetsa ona o fokodiswa ho kgoleha le hore tshebetso ya ona ya ho pholosa e a sitiswa, ha o phatlalatswa ka hara naha e reng ke ya Bokreste, empa eo ho yona ho arohanngwa ha batho ka sheshe ho ya ka merabe ya bona, ho ntshetsang pele le hona ho totisa dikarohano, lehloyo le bora;

le hore thuto efe kapa efe e ratang ho tshehetsa karohanyo e jwalo ya qobello ka evangedi, e sa ikemisetsang ho etsa hoo ka tsela ya kutlo le ya poelano, empa eo ka boikgopolelo, tshabo, boikgantsho le ho se dumele, e latolang matla a evangedi, ke moinahanelo le thuto e kgelohileng.

Ke kahoo re nyahlatsang thuto efe le efe eo ka lebitso la evangedi kapa ka thato ya Modimo, boemong bo jwalo, e kgothaletsang karohanyo ya batho ka qobello ho ya ka morabe le mmala mme ka ho etsa jwalo e senya le ho fokodisa matla a tshebetso esita le hona ho phela poelanong e ho Kreste.
4. Re dumela hore Modimo 0 itshenotse e le ya ratang ho tlisa toka le kgotso ya nnete hara batho; hore lefatsheng le tletseng ho hloka toka le bora, ka mokgwa o ikgethileng, ke Modimo wa ba hlokang, mafutsana le ba tlatla puwang, le hore 0 bitsa kereke ya hae hore e mo etsise tabeng tsena, hore o etsa ba hate letsweng ka ho loka mme ba lapileng o ba nea bohobe; hore o lokolla batshwaruwa mme o tutubolla difofu; hore o tshehetsa ba imetsweng, o sireletsa melata mme o thusa dikhutsana le bahlolohadi, a kgopamise tsela ya ba babe; hore ho yena ke borapedi bo hlwekileng le bo senang sekodi ho etela kgutsana le mohlolohadi kgatellong le mahlomoleng a bona; hore o ruta setjhaba sa hae ho etsa hantle le ho batla ka nepo.

hore kereke e tshwanetse ho thusa batho ba leng mahlomoleng le ditlhokong tsa mefuta yohle, hona ho akaretsa le hore kereke e tla paka le ho lwana kgahlano le mefuta yohle ya ho hloka toka e le hore toka e tle e phalle le ho phethwa jwaloka maqhubu a metsi, le jwaloka molatswana o sa kgaotseng.

le hore kereke jwalokaha e le ya Modimo e tshwanetse ho ema moo Modimo 0 emeng, e leng khahlano le ho hloka toka esita le ho ba tlatlapuang; hore kereke jwaloka balatedi ba Kreste e tshwanetse ho paka kgahlano le bohle ba matla le ba etsetswang tsohle tse molemo, bao ka lebaka la boithati ba ipatlelang tsa bona, mme ba nang le matla hodima ba bang ba bile ba ba etsa hampe.

Ke ka hoo re nyahlatsang menahanelo yohle e tshehetsang ka molao ka mokgwa ofe kapa ofe o etsang ba bang hampe esita le yona thuto efe kapa efe e sa ikemisetsang ho hanyetsa ka evangedi moinahanelo o jwalo.
5. Re dumela hore kereke e biletswa ho bolela le ho etsa tseo tsohle, ka kutlo ho Jesu Kreste eo e leng Hlooho e nngwe feela ya yona, le ha ho ka etsahala hore mebuso le ditaelo tsa batho di be kgahlano le hoo esita le ha e ka tshwanelwa ke kotlo le mahlomola ka lebaka la hoo.

Jesu ke Morena.

Modimo o mong, Ntate, Mora le Moya o Halalelang, 0 tshwanelwa ke hlompho le tlotla ka ho sa feleng.